Sesotho Psalm 23

Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho. O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng. O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae. Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang. O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha. Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.